Joshua 10:14 - BIBELE Pele ho mona, le kamorao ho mona, ha ho eso be le letsatsi le kang lena, leo ka lona Morena a kileng a mamela lentswe la motho, hobane Morena o ne a lwanela Iseraele. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho a ka ha eba letsatsi le jwalo, leha e le pele, leha e le morao, leo Jehova a utlwileng lentswe la motho ka lona; hobane Jehova o ne a lwanela Iseraele. |
A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”
Moriti wa letsatsi o hodima letlapa le supang nako, le entsweng ke Akase, ke tla o tjhetjhisetsa morao ka mehato e leshome.’ ” Yaba moriti o tjhetjhella morao ka mehato e leshome eo o neng o se o e tsamaile.
Morena a re: “Hojane le na le tumelo e kaalo ka tlhaku ya mosetareta, le ne le ka re ho sefate sena sa monokotshwai: ‘Iphothole, o itlhome lewatleng,’ mme se ne se ka le mamela.
Morena Modimo wa lona, ya le etellang pele, o tla le lwanela, jwalokaha a ile a le lwanela moo le ntseng le bona, ha le le Egepeta.
Dikgosi tsena tsohle, le dinaha tsa tsona, Joshua a di hapa ka nako e le nngwe, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o ne a lwanela Baiseraele.
Le bone tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a di entseng ho ditjhaba tsena tsohle, ka baka la lona. Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng.