Ha Elia a utlwa lentswe leo, a ikgurumetsa ka kobo ya hae, a tswa, a ema monyako wa lehaha. Jwale lentswe la boela la fihla ho yena, la re: “O etsang moo, Elia?”
Jonase 4:5 - BIBELE Jonase a tswela kantle ho motse, a dula fatshe ka nqa botjhabela ho wona, a iketsetsa lephephe hona moo. A dula moriting wa lona, a lebella se tla hlahela motse. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jonase o tswa motseng, a ya dula ka nqa botjhabela ho motse, a iketsetsa lephephe teng, a dula tlasa lona moriting, hore a tle a be a bone se tla hlahela motse. |
Ha Elia a utlwa lentswe leo, a ikgurumetsa ka kobo ya hae, a tswa, a ema monyako wa lehaha. Jwale lentswe la boela la fihla ho yena, la re: “O etsang moo, Elia?”
Ha a fihla teng a fumana lehaha, mme a robala ka ho lona. Yaba lentswe la Morena le fihla ho yena, le re: “O etsang moo, Elia?”
Ka baka la sebe sa bona ke ile ka ba halefela, ka ba otla, ka ba patela fahleho sa ka ke halefile; empa ba nna ba tswela pele mekgweng ya bona e kgopo.
Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.
Basesisi ba sekepe ba tshoha, mme e mong le e mong wa bona a ipiletsa ho modimo wa hae. Ba lahlela thoto lewatleng, e le hore ba imolle sekepe. Ha e le Jonase yena o ne a theohetse ka kamoreng e katlase ya sekepe, a ithobaletse, a ile le sephume sa boroko.
Morena Modimo a medisa sefate, sa thathalatsa mahlaku, a etsetsa Jonase moriti, hore a tle a phomole ho wona. Jonase a thabela sefate seo haholo.