Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”
Jonase 1:10 - BIBELE Banna bao ba tshoha haholo, ba mmotsa, ba re: “O entseng?” Ba ne ba tseba hore a baleha Morena, hobane o ne a se a ba boleletse. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba banna bao ba tshoha haholo, ba re ho yena: O etseditseng jwalo? Hobane banna bao ba ne ba tseba hore o balehile pela Jehova, etswe a ne a ba boleletse. |
Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”
Joabe a re ho kgosi: “Eka Morena Modimo wa hao, a ka atisa setjhaba sa Iseraele halekgolo, leha se se se ntse se le sengata tjena, mme wena wa phela hore o be o se bone. Feela ke ka baka lang ha monga ka, kgosi ya ka, a thabiswa ke ntho ee?”
Yaba ba a mmotsa, ba re: “Jwale re o etse jwang, e le hore lewatle le tle le kokobele?” Lewatle le ne le befile, le ntse le tuduana.
Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.
Joshua a re: “Ke ka baka lang o re tshwentseng tjee? Le wena, kajeno lena, Morena o tla o tshwenya.” Yaba Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe; ba tlepetsa le ba lelapa la hae ka majwe, ba ba tjhesa ka mollo.