La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joele 2:7 - BIBELE

Le kgoroha jwaloka bahale, le hlwa marako sa bahlabani. Le tsamaya le tobile pele feela, theko ya lona e entse lekaka.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba matha jwaloka dinatla, ba hlwella lerako jwaloka banna ba ntwa; e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, ha ba fapanyetsane ditsela.

Ver Capítulo



Joele 2:7
11 Referencias Cruzadas  

“Saule le Jonathane, dikgabane le baratehi, ha ba a arohana ha ba phela leha ba shwele; belo la bona le ne le feta la ntsu, matla a bona a feta a lekakuba.


Ka lona letsatsi leo Davida a re: “Mang kapa mang ya ratang ho bolaya Mojebuse, eka kgona a nyolohe ka mosele wa metsi, a bolaye dihlotsa tseno le difofu tseno, e leng tsona dira tse kgolo tsa Davida.” Ke ka hona ba reng: “Difofu le dihlotsa di ke ke tsa kena motseng.”


Ba morabe wa Ashere, ba neng ba kwetliseditswe ntwa, e le malalaalaotse, ba ne ba le dikete tse mashome a mane.


O ntlhaba a sa tswa ntlhaba, o nkgorohela jwaloka seqhobane.


Empa modumo wa tsona o anetse lefatshe lohle, polelo tsa tsona di finyeletse, di finyeletse pheletsong tsa lefatshe. Mahodimong, Modimo o hlometse letsatsi tente,


Ditsie tsona ha di na kgosi, empa ha di falla di fofa ka mekgahlelo.


“Kenang hara merara ya sona le e robake, feela le se ke la e roba kaofela ha yona; makala a yona le a kgaole, hobane makala ao hase makala a Morena.


Ha le tsamaya ha le theselane ka ditswe, mohlabani ka mong o tsamaya a tobile pele feela. Le a fohla, le itukubetse hara marumo, ha ho letho le ka le emang kapele.


Le feresa motse, le mathe hodima marako, le hlwelle le kahodima matlo, le kene ka difesetere se ka mashodu.