La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joele 2:29 - BIBELE

Le hodima bahlanka ba ka le makgabunyane a ka ke tla theolela Moya wa ka matsatsing ao.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Le hodima bahlanka le makgabunyane, ka matsatsi ao, ke tla tshollela moya wa ka.

Ver Capítulo



Joele 2:29
6 Referencias Cruzadas  

Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.


Ke tla le nea Moya wa ka, mme le tla phela. Ke tla le ahisa naheng ya lona, kahoo le tla tseba hore nna Morena, ke buile jwalo, mme ke phethahaditse, ho rialo Morena.’ ”


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Bohle re kolobeleditswe ho ba mmele o le mong, ka Moya o le mong; leha re ka ba Bajuda kapa Bagerike, makgoba kapa balokolohi, re amohetse Moya o le mong.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.