Tsena ke ditaba tsa Nowe. Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya neng a hloka kodi hara ba mehla eo, mme metsamao ya hae ya kgahla Modimo.
Jobo 2:3 - BIBELE Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe. Le hoja o ile wa nkgothaletsa hore ke mo senyetse ntle ho lebaka, o ntse a tshepahala haholo.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela. |
Tsena ke ditaba tsa Nowe. Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya neng a hloka kodi hara ba mehla eo, mme metsamao ya hae ya kgahla Modimo.
Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe.
Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!”
Ka letsatsi le leng mangeloi a Modimo a tla ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona.
Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.”
Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.
Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?” Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.”
Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.
Leha eba ke se molato, ke tsuwa ke molomo wa ka, leha eba ke se na kodi, wona o tla nthwesa molato.
Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele.
Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;
Jesu a araba, a re: “Hase yena ya entseng sebe leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahale ho yena.
Hase ho re ke se ke fihletse tsena tsohle, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke hwatalletse ho di hapa, hobane le nna Kreste Jesu a se a nkgapile.
Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.
Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,
Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.