Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 2:4 - BIBELE

4 Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Satane a araba Jehova, a re: Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka di ntshetsa bophelo ba hae.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 2:4
15 Referencias Cruzadas  

Ba tlisa diphoofolo tsa bona ho Josefa, mme Josefa a ba ananyetsa dijo ka dipere, le dinku, le dikgomo, le ditonki. Selemong seo a ba ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa bona tsohle.


Re ka shwela mahlong a hao ka baka lefe, rona le masimo a rona? Re rekelle le masimo a rona ka dijo, hore rona le masimo a rona re be makgoba a Faro. Re fe peo re tle re phele, re se ke ra shwa, le hore masimo a se ke a lala.”


Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Mamela mona; re utlwile hore dikgosi tsa Baiseraele ke dikgosi tse mohau; ka baka leo, re a o kopa: Re dumelle re itlame matheka ka masela a mahwashe, re qhake dihlooho tsa rona ka dithapo, re ye ho kgosi ya Iseraele, mohlomong e ka o qenehela.”


Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe. Le hoja o ile wa nkgothaletsa hore ke mo senyetse ntle ho lebaka, o ntse a tshepahala haholo.”


Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa ama masapo a hae le nama ya hae, o tla o rohaka sefahlamahlo!”


Bophelo ba motho bo ka lopollwa ka maruo a hae, mofumanehi yena ha a ke a sokelwa ke motho.


Empa ba leshome ba bona ba re ho Ishemaele: “Se ke wa re bolaya, hobane re na le matlotlo ao re a patileng hara naha, e leng koro le harese, le ole le mahe a dinotshi.” Yaba o a ba tlohela, a se ke a ba bolaya ha a bolaya bana babo bona.


Ebe motho a ka boellwa ke eng haeba a ka rua lefatshe lohle, empa a senyehelwa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka rekanya bophelo ba hae ka eng?


“Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, kapa le tla nwang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang. Ana bophelo ha bo fete dijo, le mmele ha o fete diaparo ka bohlokwa na?


hobane bophelo bo feta dijo, le mmele o feta diaparo.


Ba araba Joshua, ba re: “Bahlanka ba hao ba ile ba bolellwa kamoo Morena Modimo wa lona, a ileng a laela Moshe, mohlanka wa hae, hore a le nee naha ena yohle, mme le bolaye baahi ba yona ba kapele ho lona. Ka baka leo, re ile ra tshaba hore le tla re bolaya, mme ke ka hona re entseng hona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos