Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 2:3 - BIBELE

3 Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe. Le hoja o ile wa nkgothaletsa hore ke mo senyetse ntle ho lebaka, o ntse a tshepahala haholo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 2:3
26 Referencias Cruzadas  

Tsena ke ditaba tsa Nowe. Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya neng a hloka kodi hara ba mehla eo, mme metsamao ya hae ya kgahla Modimo.


Joabe a araba, a re: “Le ho ka! Nke ke ka leka ho o ripitla, kapa ho o timetsa.


Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe.


Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!”


Ka letsatsi le leng mangeloi a Modimo a tla ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona.


Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.”


Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.


Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?” Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.”


Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.


A ka mpidila ka sefefo sa kganyapa, a nkekeletsa maqeba ho se lebaka.


Leha eba ke se molato, ke tsuwa ke molomo wa ka, leha eba ke se na kodi, wona o tla nthwesa molato.


Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele.


Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;


Ka hona ke tla tseba hore o kgahlwa ke nna, ha sera sa ka se se se sa ithorisetse nna.


Ya lokileng o pholoswa tsietseng ya hae, ebe ya kgopo yena o wela ho yona.


Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe.


Motho ya lokileng o tshaba Morena, empa ya kgopo yena o nyedisa Morena.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae.


Jesu a araba, a re: “Hase yena ya entseng sebe leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahale ho yena.


Hase ho re ke se ke fihletse tsena tsohle, kapa ke se ke phethehile, empa ke ntse ke hwatalletse ho di hapa, hobane le nna Kreste Jesu a se a nkgapile.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.


Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,


Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos