Morena o ne a se a ile a lemosa Baiseraele le ba naha ya Juda ka baporofeta le ka dinohe, a re: “Furallang mekgwa ena ya lona e mebe, le boloke melao ya ka, le ditaelo tsa ka, ho ya kamoo ke neng ke laele bo-ntata lona kateng. Tsena ke ne ke di romele ho lona ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta.”
Ka baka leo, inyatseng kapele ho Morena Modimo wa bontata lona, le phethe thato ya hae, le ikgetholle ho setjhaba sa naha ena, le arohane le basadi bana ba baditjhaba.”
ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.
dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena ka dikgoro tsa motse ona. Dikgosi tseo, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena di palame dikariki tsa ntwa, di palame le dipere, di ena le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, mme motse ona o tla ba le baahi kamehla yohle.
“Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle.’
empa haeba setjhaba seo, seo ke neng ke se soketse, se bakela bokgopo ba sona, ke tla thibela koduwa eo ke neng ke se ke rerile ho e dihela hodima sona.
Ka baka lena, fetolang mekgwa ya lona, le diketso tsa lona, le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, mme Morena o tla hauha, a se ke a le tlisetsa koduwa eo a le reretseng yona.
Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.
Ditloholo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, tsona di phethile ditaelo tseo moholoholo wa tsona a neng a di laele tsona, empa setjhaba sena sona ha se a ka sa mmamela.’
Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’