Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:16 - BIBELE

16 Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:16
38 Referencias Cruzadas  

o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao, eo o e neileng setjhaba sa hao hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.


“Moprista e Moholo Amariya, ke yena ya tla le okamela ditabeng tsohle tsa Morena. Sebadiya, mora wa Ishemaele, mmusi wa setjhaba sa Juda, o tla le okamela ditabeng tsohle tsa kgosi, mme Balevi e tla ba basebeletsi ba lona. Sebetsang ka sebete, mme Morena a ke a thuse ba lokileng.”


Moya wa ka, ako boele o kgatholohe, hoba Morena o o etseditse tse molemo.


Lona ba ntlo ya Jakobo tloong, a re tsamayeng seding la Morena.


O kile a bua le sona, a re: “Ke tla le fa phomolo ya sebele, ba kgathetseng ba tlo phomola; ke tla fela ke le kgatholle.” Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela.


Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”


Hopolang taba tsa boholoholo taba tsa kgale, ke nna Modimo, ha ho na e mong; ke nna Modimo, ha ho ya tshwanang le nna.


Ba hlokang kodi ba tla itjhwella ka kgotso, ba iphomolele hamonate lefung la bona.


Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.


Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.


Empa bona ba re: ‘Ha ho sa na thuso! Re tla tswela pele mererong ya rona, motho ka mong a phethe ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga.’ ”


Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.


Kgaotsa ho tsamaya, oto le se fellwe ke meqathatso, mmetso wa hao o se omelle ke lenyora. Empa wena o itse: ‘Tjhe, ha ho na thuso! Nna ke ithatela medimo, medimo ya baditjhaba, mme ke tlameha hore ke e sale morao!’ ”


Ka na ka bua le wena ha o no sa atlehile, yaba wena o re: ‘Nke ke be ka o mamela!’ Bona ke boitshwaro ba hao ho tloha botjheng ba hao, hore lentswe la ka o se ke wa le mamela.


“Iketsetseng matshwao a tsela, le itlhomele mekolokotwane, le hlokomele mmila oo le tsamayang ho wona. Kgutla, wena morwetsana, Iseraele, kgutlela metseng eo e leng ya heno.


Rapela hore Morena Modimo wa hao, a re tsebise moo re lokelang ho ya teng, le seo re lokelang ho se etsa.”


“Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena!


Ba tla botsa tsela e yang Sione, fahleho tsa bona di tadime tseleng eo. Ba tla tla, ba ineele Morena, ba etse selekane sa kamehla yohle, selekane se ke keng sa hlola se lebalwa.


Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.


Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela; ba nnile ba latela mehopolo ya bona le ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, tse kgopo, ba kgutlela morao, ba se ke ba ya pele.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lokisang metsamao ya lona le diketso tsa lona, mme ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena.


“Hopolong molao wa mohlanka wa ka Moshe, le ditaelo le ditemoso tseo ke neng ke mo nee tsona ha ba le Horebe, ho di tsebisa Baiseraele bohle.


“Empa Aborahama a re: ‘Ba na le Moshe le Baporofeta; a ba utlwe bona.’


Jesu a re ho bona: “Lesedi le sa na le lona ka nakwana. Tsamayang ha le sa ntse le ena le lesedi, esere mohlomong lefifi la le tshwara. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang teng.


Ha le tseba tsena, le lehlohonolo ha le ka di etsa.


Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka wona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke wona a mpakang,


Bao ba ne ba ena le maikutlo a matle ho feta ba Thesalonika, ba amohela lentswe la Modimo ka thahasello yohle, ba fuputsa Mangolong ka letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ditaba tseo di jwalo.


Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle.


“Hopolang mehla ya kgalekgale, nahanang mengwaha ya meloko ya pele, botsang bo-ntata lona, mme ba tla le jwetsa, baholo ba lona ba tla le bolella.


Jwale, kaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, phelang mmoho le yena.


Ke ka baka la yona baholoholo ba rona ba ileng ba pakwa.


Le se ke la tepella, le mpe le etsise bao, bao ka tumelo le mamello, ba jang lefa la tseo ba di tshepisitsweng.


Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao ba bona, hobane ba nnile ba kgeloha, ba latela medimo e meng, ba e kgumamela. Kapelepele ba kgeloha tsela eo bo-ntata bona ba neng ba tsamaya ho yona, ba hlompha molao wa Morena, empa bona ha ba a ka ba etsa jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos