Jeremia 7:1 - BIBELE Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia, le etswa ho Morena, le re: Sesotho 1909/1961 (SO) Lentswe le tswang ho Jehova le ne le tle ho Jeremia, la re: |
Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, malebana le setjhaba sa Juda.
“Ema monyako wa Tempele ya Morena, o phatlalatse lentswe lena o le hona teng, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba kenang ka monyako ona ho tla kgumamela Morena.