Ha ho na ho ba le masalla a bona, hobane ke tla dihela banna ba Anatote koduwa ka selemo seo ke tla ba otla ka sona.”
Jeremia 6:9 - BIBELE Morena wa mabotho o bua tjena: “Tjhaba sa Iseraele se tla fediswa ho hang, se tshwane le tshimo ya morara e kgwahlapisitswe. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ba tla kgwahlapisa masala a Iseraele, jwalokaha ho kgwahlapiswa morara. O busetse letsoho la hao dirotong, jwalokaha ho etswa ke ya kgwahlapisang. |
Ha ho na ho ba le masalla a bona, hobane ke tla dihela banna ba Anatote koduwa ka selemo seo ke tla ba otla ka sona.”
“Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.
Haeba bakotudi ba morara ba ka tla ho lona, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso? Haeba mashodu a ka fihla e le bosiu, na a ke ke a utswa a itekanyetsa?
Morena wa mabotho o re: Masalla wohle a setjhaba sena se kgopo, a tla phonyoha, a dibakeng tsohle tseo ke a leleketseng ho tsona, a tla ikgethela lefu bakeng sa bophelo.’ ”
Hape ha tswa lengeloi le leng aletareng, e le le nang le matla a ho laola mollo, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya tshwereng sekele e bohale, la re: “Akgela sekele ya hao e bohale, o kge masihla a morara wa lefatshe, hobane ditholwana tsa wona di butswitse.”