Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.
Jeremia 48:3 - BIBELE Sello se tla utlwahala se etswa Horonaime, sello sa tshenyo e kgolo le nanaola. Sesotho 1909/1961 (SO) Pokollo e utlwahala Horonaime, ke tshenyo le kotlo e kgolo. |
Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.
Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime.
Mokgosi wa bona o hoballa, ho ya fihla meeding ya Moabe, seboko sa bona se fihla Egelaime, sello sa bona se fihle le Beere-Elime.
Ka baka leo, ke ile ka re: “Se keng la ntjheba, ke lle sa mmokotsane; se ikgathatseng ka ho ntshedisa, ha moradi wa tjhaba sa heso a timeditswe.”
Motho eo a ke a tshwane le metse, metse eo Morena a ileng a e timetsa ho se mohau. Motho eo a ke a utlwe dillo e sa le ka matjeke, mokgosi wa ntwa a o utlwe ha tadi e anyesa,
Morena o bua tjena: “Metsi ke ao, a phorosela ho tswa leboya, a tla ka sekgahla se kang sa sekgohola, a tla aparela naha le tsohle tse ho yona, a aparele metse le baahi ba yona bohle. Banna ba tla tshoha ba hlabe mokgosi, baahi bohle ba naha bona ba bokolle,
“Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.
Ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela teng ba ntse ba lla; tseleng e theohelang Horonaime ho utlwahala dillo tse reng: ‘Koduwa!’
“Dillo tsa mahlomola di hlaha Babilona, ho utlwahala medumo ya koduwa e kgolo, koduwa e tswang naheng ya Bakalatiya.