Jeremia 4:3 - BIBELE Ho banna ba Juda le ba Jerusalema, Morena o re: “Ikgatheleng dithite tsa lona, le se ke la jala hara meutlwa; Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho itswe ke Jehova ho batho ba Juda le ho ba Jerusalema: Kgathang thite ya lona, le se ke la jala meutlweng. |
Ka selemo sa bosupa o tla e tlohela e lale, bafumanehi ba setjhaba sa heno ba tle ba je; tseo ba di siileng di tle di jewe ke diphoofolo tsa naha. O tla etsa jwalo ka serapa sa hao sa morara, le ka serapa sa hao sa mehlwaare.
Motho ka mong a kgathe thite ya hae, a itjalle ho loka ho tswalang lerato, a kotule molemo o tswalwang ke botshepehi. Nako e fihlile ya ho batla Morena, ya ho mmatla ho fihlela a etla, a le nesetsa pula ya mahlohonolo.
Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.
E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng.