Jeremia 3:4 - BIBELE Ha ke re o qeta ho ipiletsa, o ipiletsa ho nna, o re: ‘Ntate, motswalle wa ka ho tloha botjheng ba ka, Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ke re, le jwale o sa bitsa ho nna, o re: Ntate, o motswalle wa botjha ba ka? |
elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re:
Modimo, o nthutile wa nthuta ho tloha botjheng ba ka, mme ho fihlela jwale ke ntse ke tumisa dimakatso tsa hao.
“Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena: “ ‘Ke hopola ho nkgomarela ha hao botjheng ba hao, kamoo o nthatileng kateng o sa le monyaduwa, wa ntshala morao lehwatateng, naheng eo ho sa jalwang, ho sa jalwang letho ho yona.
Ba re ho sefate: ‘Wena o ntata rona!’ Ho lefika ba re: ‘Rona re tswetswe ke wena!’ Ba mphuraletse, fahleho tsa bona ha di ntadime; athe ka nako ya ditsietsi ba re: ‘Ako tle, o re pholose!’
Yaba Morena o re: “Ke ne ke tla thabela ho le etsa bana ba ka, ke le abele naha e kgahlehang, lefa le letle ho feta mafa a tjhaba tsohle. Ka ba ka re: Lona le tla mpitsa Ntate, mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.
O tla phaila ho le hokae, wena moradi ya hlokang botshepehi? Morena o etseditse lefatshe ntho e ntjha: Mosadi o tla sireletsa monna!”
Ba tla kgutla ba itshela ka dikgapha, ke ba etelle pele, bona ba ntse ba rapela. Ke tla ba tsamaisa pela melatswana e phallang, tseleng e bataletseng, moo ba ke keng ba kgoptjwa, hobane nna ke ntata Iseraele, Efraime ke mora wa ka, mora wa matsibolo.
Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.
“Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’
Jwale le a mpotsa, le re: “Ke ka baka lang?” Ke hobane Morena o tseba se etsahetseng pakeng tsa hao le mosadi wa hao wa matswathaka. O ile wa mo hlokela botshepehi, le hoja le ne le entse selekane sa hore e be mosadi wa hao.