Jeremia 13:5 - BIBELE Yaba ke a tsamaya, ke se pata pela Euferatese, jwalokaha Morena a ile a ntaela. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka ya jwalo, ka se pata pela Eufrate, jwalokaha Jehova a ne a ntaetse. |
Hoba ho fete matsatsi a mangata Morena a re ho nna: “Tsamaya, o ye Euferatese, o yo lata senyepa seo ke ileng ka re o yo se pata teng.”
Yaba ke porofeta jwalokaha ke laetswe. Ha ke ntse ke porofeta, ho ile ha utlwahala leswahlaswahla, ka bona masapo a sisinyeha, a atamelana, lesapo ka leng le kopana le la habo lona.
Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.