Jeremia 13:2 - BIBELE Yaba ke reka senyepa jwalokaha Morena a ne a ntaetse, mme ka itlama ka sona thekeng. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ke ithekela senyepa ka taelo ya Jehova, ka itlama letheka ka sona. |
Ka yona nako eo Morena a bua ho Esaya, mora wa Amose, a re ho yena: “Hlobola lesela le mahwashe leo o le apereng, o role le meqathatso maotong a hao.” Esaya a etsa jwalo, a tsamaya a hlobotse, a sa rwala letho maotong.
Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.”
Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.