2 Yaba ke ithekela senyepa ka taelo ya Jehova, ka itlama letheka ka sona.
2 Yaba ke reka senyepa jwalokaha Morena a ne a ntaetse, mme ka itlama ka sona thekeng.
O tshepe Jehova ka pelo ya hao yohle, o se ke wa itshepa hlalefo ya hao.
mehleng eo, Jehova a bua ka Esaia, mora oa Amotse, a re: Eya, o hlobole lesela le mahwashe le lethekeng la hao, o role dieta maotong a hao. A etsa jwalo, a ya a hlobotse, a sa rwala dieta.
Yaba lentswe la Jehova le tla ho nna la bobedi, la re:
Haele wena, mora motho, mamela seo ke o bolellang sona! O se ke wa hana, jwalokaha ho hana ntlo eo. Ahlamisa molomo, o je seo ke o neang sona.
Johanne o ne a apere kobo ya boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhaama la letlalo; dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.
Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.