Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka bolellwa ke Jehova, ha thwe: Eya, o ithekele senyepa sa lene, o itlame letheka ka sona, o mpe o se ke wa se ina metsing.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya o yo ithekela senyepa se entsweng ka lesela la lene, o itlame ka sona thekeng, empa o se ke wa se hlatswa.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 13:1
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re: jwalokaha mohlanka wa ka, Esaia, a tsamaile ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala dieta, ho ba pontsho le setshwantsho ho Egepeta le ho Ethiopia,


hobane jwalokaha senyepa se kgomaretse letheka la motho, ke ne ke ikgomarediseditse ntlo yohle ya Iseraele le ya Juda jwalo, ho bolela Jehova, hore ka bona ke bone setjhaba, le botumo, le dithoko, le tlotliso. Empa ba hanne ho utlwa.


Tloha, o theohele tlung ya mmopi wa dipitsa; teng ke tla o tsebisa mantswe a ka.


Ho itswe ke Jehova: Eya, o ithekele pitsa ya letsopa ho mmopi, o ye le baholo ba bang ba setjhaba le baholo ba baprista;


O iketsetse marapo le dijoko, o di rwale molaleng wa hao;


Nka majwe a maholo, o a pate letsopeng, seboping sa setene se leng lepatlelong la ntlo ya Faro, Takpanese, pontsheng ya batho ba Juda;


Eitse hobane a tle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho la maoto ka sona, a re: Moya o Halalelang o bolela, o re: Monna eo senyepa sena e leng sa hae, Bajuda ba tla mo tlama jwalo Jerusalema, ba be ba mo neele matsohong a baditjhaba.


Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos