Jwalokaha senyepa se tlamellwa thekeng la motho, ke ile ka tlamella ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda ho nna,” ho rialo Morena, “hore e be setjhaba sa ka se tla ntumisa, se nthorise, se ntlotle. Empa ha se a ka sa mamela.”
Jeremia 13:12 - BIBELE “Ka baka leo, o tle o bolelle setjhaba seo, o re: ‘Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Makuka wohle a veine a tlatswe veine,’ empa sona se tla re ho wena: ‘O re ha re tsebe hore makuka wohle a tshwanetse ho tlatswa veine?’ Sesotho 1909/1961 (SO) O boele o ba bolelle lentswe lena: Ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele: Pitsa e nngwe le e nngwe e tla tshelwa veine, e tlale. Mme ba tla re ho wena: Na ha re tsebe le rona, hore pitsa e nngwe le e nngwe e tla tshelwa veine, e tlale na? |
Jwalokaha senyepa se tlamellwa thekeng la motho, ke ile ka tlamella ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda ho nna,” ho rialo Morena, “hore e be setjhaba sa ka se tla ntumisa, se nthorise, se ntlotle. Empa ha se a ka sa mamela.”
Ebe wena o re ho sona: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona, baahi bohle ba naha ena, esita le dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, le baprista, le baporofeta, le baahi bohle ba Jerusalema, bohle ke tla ba tlopa veine.
Di tla se nwa, di thekesele, di hlanye ka baka la sabole eo ke tla di bolaya ka yona.’ ”
Yaba setjhaba se a mpotsa, se re: “Na o ka re hlalosetsa hore na dintho tsee tseo o di etsang di re supisa eng?”