Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 13:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O boele o ba bolelle lentswe lena: Ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele: Pitsa e nngwe le e nngwe e tla tshelwa veine, e tlale. Mme ba tla re ho wena: Na ha re tsebe le rona, hore pitsa e nngwe le e nngwe e tla tshelwa veine, e tlale na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Ka baka leo, o tle o bolelle setjhaba seo, o re: ‘Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Makuka wohle a veine a tlatswe veine,’ empa sona se tla re ho wena: ‘O re ha re tsebe hore makuka wohle a tshwanetse ho tlatswa veine?’

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 13:12
4 Referencias Cruzadas  

hobane jwalokaha senyepa se kgomaretse letheka la motho, ke ne ke ikgomarediseditse ntlo yohle ya Iseraele le ya Juda jwalo, ho bolela Jehova, hore ka bona ke bone setjhaba, le botumo, le dithoko, le tlotliso. Empa ba hanne ho utlwa.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Jehova o re: Bonang, baahi kaofela ba lefatshe lena, le marena a dutseng teroneng ya Davida, le baprista, le baporofeta, le baahi kaofela ba Jerusalema, ke tla ba tlatsa ka seno se tahang;


hore di tle di nwe, di thekesele, di hlanye pontsheng ya lerumo leo ke le romelang hara tsona.


Setjhaba sa re ho nna: Na o ke ke wa re qaqisetsa seo taba tseo di re tshwantshetsang sona na, ha o etsa tse jwalo?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos