Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 13:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 hobane jwalokaha senyepa se kgomaretse letheka la motho, ke ne ke ikgomarediseditse ntlo yohle ya Iseraele le ya Juda jwalo, ho bolela Jehova, hore ka bona ke bone setjhaba, le botumo, le dithoko, le tlotliso. Empa ba hanne ho utlwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwalokaha senyepa se tlamellwa thekeng la motho, ke ile ka tlamella ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda ho nna,” ho rialo Morena, “hore e be setjhaba sa ka se tla ntumisa, se nthorise, se ntlotle. Empa ha se a ka sa mamela.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 13:11
25 Referencias Cruzadas  

Hobane Jehova o ikgethetse Jakobo, Iseraele a be lefa la hae.


Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!


Empa setjhaba sa ka ha se a ka sa utlwa lentswe la ka, Iseraele ha a ka a mmamela.


Setjhaba seo ke iketseditseng sona se tla bolela dithoko tsa ka.


Ba tla bitswa setjhaba se halalelang, balopollwa ba Jehova, mme wena, o tla bitswa motse o hlokwang haholo, o sa kang o tlohelwa.


Ka bolellwa ke Jehova, ha thwe: Eya, o ithekele senyepa sa lene, o itlame letheka ka sona, o mpe o se ke wa se ina metsing.


Setjhaba sena se kgopo se hanang ho utlwa lentswe la ka, se tsamayang ka ditakatso tsa pelo ya sona, se latelang medimo ya ditjhaba ho e sebeletsa le ho e kgumamela, se tla ba jwaloka senyepa sena se se nang thuso;


O boele o ba bolelle lentswe lena: Ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele: Pitsa e nngwe le e nngwe e tla tshelwa veine, e tlale. Mme ba tla re ho wena: Na ha re tsebe le rona, hore pitsa e nngwe le e nngwe e tla tshelwa veine, e tlale na?


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.


ke wena ya entseng dipontsho le mehlolo lefatsheng la Egepeta, le Iseraeleng, le hara batho, ho fihlela tsatsi lena; o iketseditse lebitso leo, le kajeno le sa le teng.


Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.


Ke beile ho lona dibohodi tse reng: Mamelang lentswe la terompeta. Ba mpa ba re: Ha re na ho mamela.


Jwale, ka baka la hobane le entse tseo tsohle, ho bolela Jehova, mme nkile ka nna ka bua ho lona, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, empa ha le a ka la mmamela; mme nkile ka bitsa ho lona, empa ha le a ka la araba;


Empa ke yona taba eo ke ba laetseng yona, ka re: Le nne le mamele lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka, le tsamaye mehlaleng yohle eo ke le laelang yona, le tle le hlohonolofale.


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha ditsebe, ba nnile ba tsamaya mererong le bothateng ba dipelo tse mpe tsa bona, ba nnea seholoholo, e seng sefahleho.


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha tsebe; ba hlile ba sataladitse melala, ba entse hampe ho fetisa bontata bona.


Utlwang lentswe lena, leo Jehova a le bolelang hodima lona, bana ba Iseraele, hodima mofuta wohle oo ke o ntshitseng lefatsheng la Egepeta;


Esita lona lerole la motse wa lona, le kgomaretseng maoto a rona, re le hlohlorela ho lona; leha ho le jwalo, le tsebe hobane mmuso wa Modimo o atametse ho lona.


Jehova le yena o tiisitse ho wena kajeno hoba o tla ba setjhaba sa hae sa sebele, jwalokaha a o baletse, o tle o boloke ditaelo tsa hae tsohle;


mme a o hodise, o phahame ka poko, ka botumo le ka kganya ho feta ditjhaba tsohle tseo a di entseng, mme o be setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, jwalokaha a boletse.


Hobane ke sefe setjhaba se seholo seo medimo ya sona e leng haufi le sona, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a le haufi le rona kamehla ha re mo bitsa?


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos