Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”
Jakobo 5:9 - BIBELE Bana beso, e mong a se ke a lla ka e mong, hore le tle le se ke la ahlolwa. Moahlodi ke eo o se a le monyako. Sesotho 1909/1961 (SO) Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako. Baasraak Sotho NT Bana beso, le se ke la korotlela e mong, esere la ahlolwa; bonang, moahlodi o eme monyako. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bana beso, le se ke la korotlela e mong, esere la ahlolwa; bonang, moahlodi o eme monyako. |
Haeba o etsa hantle, na sefahleho sa hao ha se na ho bontsha kgotso? Empa ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyakong wa hao, se a o lakatsa; feela wena eka kgona o se hlole.”
Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo.
“ ‘O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.
Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena tsohle, tsebang hore o haufi, o monyako.
Ka mokgwa o jwalo, le lona ha le bona dintho tsena di etsahala, tsebang hore o haufi, o monyako.
Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng.
Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.
Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.
Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya buang ngwanabo hampe, kapa ya mo ahlolang, o bua molao hampe, mme o a o ahlola. Haeba o ahlola molao, ha o sa le ya phethang molao, empa o se o le ya ahlolang.
O mong feela moetsi wa molao le moahlodi: Ke ya nang le matla a ho pholosa le ho timetsa. Ebe wena o mang o ka ahlolang wa heno?
Bana beso, inkeleng mohlala wa ho tiisetsa mathata le ho mamella ho baporofeta, ba neng ba bua lebitsong la Morena.
Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a kgutla. Bonang kamoo molemi a emelang ho fumana kotulo e ntle tshimong ya hae kateng. O lebella ka mamello ho fihlela ho ena pula ya selemo le ya hwetla.
Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.