Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 9:7 - BIBELE

7 Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 E mong le e mong a ntshe kamoo a rerileng kateng pelong ya hae; e seng ka ho ikgohomosa, kapa ka ho qobellwa, hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 E mong le e mong a ntshe kamoo a rerileng kateng pelong ya hae; e seng ka ho ikgohomosa, kapa ka ho qobellwa, hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 9:7
17 Referencias Cruzadas  

Hape ke a tseba, Modimo wa ka, hore o leka pelo ya motho, mme o thabela ho loka. Ha e le nna ke o nyeheletse ka dintho tsena tsohle ka boithaopo, ka pelo ya ka yohle. Jwale ke thabetse le ho bona setjhaba sa hao, se teng mona, se o nyehella ka boithaopo.


Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ba nntshetse dimpho. Le amohele dimpho tsa ka ho motho ka mong ya ithaopang.


‘Ntshetsang Morena dimpho tsa lona; e mong le e mong a ntshetse Morena ka pelo e tshweu; kgauta, le silefera, le lethose;


Ya fanang haholo o tla fumana katleho, ya fanang ka metsi le yena o tla a fuwa.


Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.


Sethoto se ke ke sa hlola se bitswa kgosana, kapa senokwane sa hlompheha haholo;


Empa ya kgabane o rera merero e kgabane, bokgabeneng ba hae a ke ke a sisinngwa.


Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”


ya neilweng ho kgothatsa, a kgothatse; ya fanang, a fane ka matsoho a mabedi; ya okametseng, a okamele ka mafolofolo; ya etsang mohau, a o etse ka thabo.


Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.


O mo fe haholo ho tse tswang mohlapeng wa hao, le ho tse tswang seotlong sa hao, le ho tse tswang setlhotlelong sa hao. Jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o hlohonolofaditse, le wena o mo fe jwalo.


Empa ha ke a rata ho etsa letho ntle ho tumello ya hao, esere thuso ya hao ya eba ya ho qobellwa, e seng ya ho ithaopa.


Bana beso, e mong a se ke a lla ka e mong, hore le tle le se ke la ahlolwa. Moahlodi ke eo o se a le monyako.


E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos