Empa haeba Morena a ka re: ‘Ha o nkgahle,’ bona, ke nna enwa, a nketse seo a bonang se lokile.”
Jakobo 4:7 - BIBELE Ka baka leo, ikokobeletseng Modimo. Lwantshang Diabolosi, mme o tla le baleha. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, ipeeng katlase ho Modimo, le hanele Diabolose, mme o tla le balehela. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ipeeng tlasa Modimo. Hanyetsang Diabolose, mme o tla le balehela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ipeeng tlasa Modimo. Hanyetsang Diabolose, mme o tla le balehela. |
Empa haeba Morena a ka re: ‘Ha o nkgahle,’ bona, ke nna enwa, a nketse seo a bonang se lokile.”
Le se ke la satalatsa melala ya lona jwaloka bo-ntata lona, le ineele Morena, le kene ka Sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng kamehla yohle. Sebeletsang Morena Modimo wa lona, e le hore kgalefo ya hae e tlokomang e tle e le fapohe.
o re: “Ke tswetswe ke mme ke le feela, ke tla ya lebitleng ke ntse ke le feela. Morena o na fane, Morena o amohile, ho ke ho roriswe lebitso la hae.”
Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa.
Ere ho kgosi le ho mofumahadi, mmakgosi: “Theohang diteroneng le ikokobetse, hoba le rodisitswe mefapahlooho ya tlotla.”
O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.
O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha. O tla ja jwang le dikgomo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.”
Itjariseng joko ya ka, le ithute ka nna, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobeditseng, mme le tla fumana phomolo.
Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,
hobane ho ngotswe, ho thwe: “Ke hlapanya ka nna, ho rialo Morena, mangwele wohle a tla nkgumamela, mme maleme wohle a tla tlotlisa Modimo.”
Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, e le hore, mohla ho leng hobe, le tle le tsebe ho ema senna ho isa qetellong.
Hapehape re bile le bo-ntata rona ba lefatshe, ba ileng ba re kgalemela, mme ra ba hlompha; na jwale ha re lokele ho ikokobeletsa Ntata rona wa moya ka ho fetisisa, re tle re phele?
Ka baka la Morena, ikokobeletseng ditaelo tsohle tsa batho: e ka ba tsa kgosi e phahametseng bohle,
Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang.
Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”