Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 4:25 - BIBELE

25 O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 4:25
15 Referencias Cruzadas  

Morena o beile terone ya hae, o e beile mahodimong, tsohle di tlasa puso ya hae.


Ba lahla tlotla ya Modimo, ba tlotlisa setshwantsho sa pohwana, ntho e jang jwang.


Kahlolo ha e tswe botjhabela, kapa ha e tswe bophirimela, leha e le lehwatateng kapa dithabeng.


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


Ka matla a ka, le ka letsoho la ka le otlolohileng, ke nna ya entseng lefatshe, le motho, le diphoofolo tse teng lefatsheng, mme tsena tsohle ke di nea eo ke fumanang ho lokela ho mo nea tsona.


Dinako le mehla di fetolwa ke yena, o diha dikgosi a ba di hlomamise; bahlalefi ba hlalefiswa ke yena, ba nang le kutlwisiso a ba abele tsebo.


Wena kgosi, o kgosi ya dikgosi, hobane Modimo ya lehodimong o o neile mmuso le bolaodi le matla le tlotla.


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


Pelo ya hae ya botho e fetohe, e fetohe e be ya phoofolo, lemo tse supileng di fete a le jwalo.


“ ‘Qeto ena e phatlaladitswe, ya phatlalatswa ke maqosa, kahlolo ya etswa ke ba halalelang, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe: Ya Hodimodimo o laola mmuso wa batho, o o nea ofe le ofe ya ratwang ke yena, kapa a hlomamise mofo setulong sa kgosi.’


“Ke bone ho le molemo hore ke le tsebise dipontsho le dimakatso tseo Modimo ya hodimodimo a nketseditseng tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos