Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 4:26 - BIBELE

26 Jwalokaha ho laetswe hore kutu ya sefate e siuwe le metso ya yona, o tla buseletswa mmuso wa hao ho tloha mohla o tsebang hore Lehodimo ke lona le busang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ha e le taba e itseng: Ho siuwe kutu ya metso ya sefate, ke ho re, o tla buselletswa borena ba hao, ha o setse o tsebile hoba ya busang o teng lehodimong.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 4:26
13 Referencias Cruzadas  

A re ba rapele Modimo ya lehodimong hore a ba hauhele, a ba hlalosetse sephiri sena, e le hore yena, le metswalle ya hae, le bahlalefi ba Babilona, ba tle ba se ke ba bolawa.


Hona bosiung boo Daniele a senolelwa sephiri sena ka pono. Yaba Daniele o rorisa Modimo ya lehodimong.


Wena kgosi, o kgosi ya dikgosi, hobane Modimo ya lehodimong o o neile mmuso le bolaodi le matla le tlotla.


Kutu le metso ya yona le di siye mobung, ka mahlaahlela a tshepe, le ka mahlaahlela a lethose, le e tlamelle jwanng bo botalana. Motho enwa a lalwe ke phoka ya lehodimo, a je jwang ba naha a le hara dibatana.


Kgosi e ile ya bona leqosa le halalelang le theoha lehodimong, le re: ‘Remang sefate, le se fedise, empa le siye kutu le metso ya sona mobung, kutu eo le e tlamelle jwanng bo botalana ka mahlaahlela a tshepe le a lethose. Motho enwa a lalwe ke phoka ya lehodimo, a phele le dibatana tsa naha, ho fihlela ho feta dilemo tse supileng.’


Yare kgosi e eso qete ho rialo, lentswe la tswa lehodimong, la re: “Wena kgosi Nebukadenesare, polelo ena e tobile wena: O amohilwe mmuso wa hao.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Empa eitse ha pelo ya yona e qala ho ikgohomosa, e thatafatswa ke boikakaso ba yona, kgosi e ile ya theolwa teroneng ya bokgosi, ya hlobodiswa tlotla ya yona.


E ile ya lelekwa hara batho, mme pelo ya yona ya tshwana le ya dibatana; ya phela le ditonki tsa naha, ya eja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa yona wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela e tseba hore Modimo ya hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.


Barutuwa ha ba se bona ba makala haholo, ba re: “Sefate see sa feiye se omeletse hanghang ka mokgwa o jwang?”


Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hlapanya le hanyenyane, leha e le ka lehodimo, kahobane ke terone ya Modimo;


Ke tla tsamaya, ke ye ho ntate, ke re ho yena: Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena:


“Mora a re ho yena: ‘Ntate, ke sitetswe lehodimo le wena: Ha ke sa lokela ho bitswa mora wa hao.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos