O ka metsi a tsapolong, empa o ke ke wa ba feta ka boholo, hobane wa na wa kena kobong tsa mohatsa ka, wa hlompholla phate tsa ka ka ho hlwella ho tsona.
Jakobo 1:6 - BIBELE Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya. Sesotho 1909/1961 (SO) Feela, a kope ka tumelo, a se ke a dikadika; hobane motho ya dikadikang o jwaloka leqhubu la lewatle le tsukutlwang, le akgelwang hohle ke moya. Baasraak Sotho NT Empa a a kope ka tumelo, a sa belaele letho. Etsoe ea qeaqeang o joaloka leqhubu la leoatle le khannoang ke moea le ho akhotsoa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a a kope ka tumelo, a sa belaele letho. Etsoe ea qeaqeang o joaloka leqhubu la leoatle le khannoang ke moea le ho akhotsoa. |
O ka metsi a tsapolong, empa o ke ke wa ba feta ka boholo, hobane wa na wa kena kobong tsa mohatsa ka, wa hlompholla phate tsa ka ka ho hlwella ho tsona.
Petrose a mo araba, a re: “Morena, haeba ke wena, ntaele hore ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.”
Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.
Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.
A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.
Jwale kantle ho tumelo ha ho kamoo motho a ka kgahlisang Modimo kateng. Ya atamelang pela Modimo eka kgona a dumele hore Modimo o teng, le hore ke yena ya putsang ba mmatlang.
Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang.
Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.
Batho bao ba jwaloka didiba tse psheleng, ba jwaloka maru a fefolwang ke sefefo; ba boloketswe lefifi le letsho.