Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:14 - BIBELE

14 Ka hona ha re sa tla hlola re eba masea a tsokoletswang kwana le kwana, a fefolwang ke moya ofe le ofe wa dithuto tsa batho ba mano, ba kgelosang ka maqiti a bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 hore re tle re se ke ra hlola re eba bana, ba hehehelwang kwana le kwana, ba fefolwang ke moya o mong le o mong wa thuto, ka mano a batho, ka mano a mano a ho thetsa ka bona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Hore re tle re se ke ra hlola re eba bana, ba hehehelwang kwana le kwana, ba fefolwang ke moya o mong le o mong wa thuto, ka mano a batho, ka mano a mano a ho thetsa ka bona;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:14
44 Referencias Cruzadas  

o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae.


Ako nnamolele ho ba etsang tse kgopo, o mpholose ho ba ratang ho tsholla madi.


“Ke bo-mang bao moporofeta a tla ba ruta? Molaetsa wa hae o tla o hlalosetsa bo-mang? O loketse masea a sa tswa kgweswa, bana ba sa tswa tloswa letsweleng!


Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa.


Hoba baromuwa bao ba tsamaye, Jesu a qala ho bua le matshwele ka Johanne, a re: “Le ne le ilo bona eng feelleng? Lehlaka le tsukutlwang ke moya?


Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata,


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”


Le a tseba hore ha le ne le sa le bahedene le ne le latela medimo ya bohata, e semumu, ho ya kamoo e neng e le hohela kateng.


Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.


Bohlale ba lefatshe lena ke bothoto mahlong a Modimo. Etswe Mangolo a re: “Modimo o tshwasa ba bohlale maqhekeng a bona.”


Etswe rona ha re ke ba bangata ba bapatsang ka lentswe la Modimo, empa kahobane re romilwe ke Modimo, re bua nnete mahlong a Modimo, re le bahlanka ba Kreste.


Empa re ile ra tela tsa sekgukgu, tse dihlong, ra se ke ra tsamaya ka mano, leha e le ho sotha lentswe la Modimo. Re mpa re phatlalatsa nnete, re leka ho hapa maikutlo a batho bohle, mme le Modimo o a tseba.


Dithoto ting tsa Bagalata! Le loilwe ke mang, lona ba hlaloseditsweng ka mokgwa o totobetseng tsa ho thakgiswa ha Jesu Kreste?


Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.


E se be motho ya sa tswa sokoloha, esere a ikgohomosa, mme a welwa ke kahlolo jwaloka Diabolosi.


O a tseba hore bohle naheng ya Asia, esita le Fugelose le Heremogenese, ba ile ba nkwenehela.


Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe.


Nako e a tla eo ka yona ba sa tlong ho mamella thuto ya nnete, empa ho ya ka ditakatso tsa bona ba tla ipokellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang ditsebe tsa bona.


Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang.


Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.


Hape bonang le dikepe: Le hoja di le kgolo haholo, mme di sututswa ke difefo tse matla, empa di tsamaiswa ka lesokwana le lenyenyane, di ye moo mosoki a ratang hore di ye teng.


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.


Ke le ngoletse tsena, e leng tse amanang le ba le kgelosang.


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos