Jakobo 1:3 - BIBELE hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello. Sesotho 1909/1961 (SO) le ntse le tseba hobane ho lekwa ha tumelo ya lona ho hlahisa mamello; Baasraak Sotho NT Le ntse le tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho hlahisa mamello. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le ntse le tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho hlahisa mamello. |
Tsohle tse ngotsweng kgale di ngoletswe ho re ruta, hore ka ho mamella le ho tshediswa ho fumanwang Mangolong, re tle re be le tshepo.
Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.
Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.
Matshwenyeho a rona a bobebe, ke a motsotswana, a re tlisetsa tlotla e kgolohadi, e sa feleng.
Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.
Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang.
Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste.
Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng,
Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.
Le se ke la tepella, le mpe le etsise bao, bao ka tumelo le mamello, ba jang lefa la tseo ba di tshepisitsweng.
Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,
mme tsebong ya lona le eketse boitshwaro, boitshwarong le eketse mamello, mamellong le eketse borapedi,