Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 6:12 - BIBELE

12 Le se ke la tepella, le mpe le etsise bao, bao ka tumelo le mamello, ba jang lefa la tseo ba di tshepisitsweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 le tle le se ke la fetoha ba botswa, le mpe le be balatedi ba ba ruileng dipallo ka tumelo le ka sebete.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 hore le se ke la ba botsoa, le mpe le be baetsisi ba bao ka tumelo le ka mamello ba ruang litšepiso.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Hore le se ke la ba botsoa, le mpe le be baetsisi ba bao ka tumelo le ka mamello ba ruang litšepiso.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 6:12
36 Referencias Cruzadas  

Ya sebetsang ka thata ke yena ya tla busa, empa sekgoba sona se tla fetoha lekgoba.


Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.


Tsela ya sekgoba e ririellane meutlwa, athe ya ya lokileng yona e bataletse hantle.


Ya monyebe mosebetsing wa hae, yena ke ngwanabo sesenyi.


Kahoo o tla tsamaya tseleng ya ba lokileng, o tsamaye tseleng ya ba hlokang kodi.


Jwalokaha lemati le kwaleha le buleha, sekgoba le sona se meneka jwalo moalong wa sona.


Ya kgelosang ba lokileng hore ba ye tseleng tse kgopo, o tla wela lemeneng le tjhekilweng ke yena; ba se nang molato ba tla ja lefa la tse molemo.


Haeba o sa tsebe, wena Seilatsatsi hara basadi, latela mohlala wa mohlape, potsanyane tsa hao o di fudise, o di fudise pela ditente tsa badisa.


Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’


‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’ Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”


“Monga hae a mo araba, a re: ‘Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hore ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka olosa.


“Jwale ha etsahala hore mofutsana a shwe, mme mangeloi a mo nkele sefubeng sa Aborahama. Le morui a shwa, mme a patwa.


Athe e mobung o motle, ke ba utlwang lentswe, ba le kgomarele ka pelo ya sebele, e molemo, ba behe ditholwana ka mamello.”


Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.


Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.


Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle.


Pela Modimo, Ntata rona, re hopola mesebetsi ya tumelo ya lona, le boiteko ba lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Le sa hloka mamello, e le hore, ka ho phetha thato ya Modimo, le tle le amohele seo le se tshepisitsweng,


Ka tumelo batho bao ba ile ba fenya mebuso, ba etsa tse lokileng, ba fumana tseo ba neng ba di tshepisitswe. Ba bolaya ditau,


Ha e le mona re aparetswe ke leru la dipaki le lekanakana, le rona a re lahleng tsohle tse re sitisang, le sebe se re kgomaretseng, mme re mathe ka tiisetso peisong eo re e beetsweng.


Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.


Di ngata tseo re ka di bolelang ka taba ena, empa ho thata ho le hlalosetsa tsona, hobane le lenama ho mameleng.


Aborahama o ile a tiisetsa, mme ka hona a fumana seo a se tshepisitsweng.


hobane le a tseba hore ho lekwa ha tumelo ya lona ho tswala mamello.


Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong.


Seo a re tshepisitseng sona ke sena: Bophelo bo sa feleng.


Ya abetsweng ho ya bothopuweng o tla ya bothopuweng. Ya abetsweng ho bolawa ka sabole o tla bolawa ka sabole. Mona ho batleha tiisetso le tumelo ya badumedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos