La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Hosea 7:7 - BIBELE

Kaofela ha bona ba tjhesa sa sebopi, ba fenethile babusi ba bona. Dikgosi tsa bona di wele mofela, ha ho e kile ya ipiletsa ho nna.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Bohle ba tjhesa jwaloka sebopi ba ja baahlodi ba bona; marena wohle a bona a timela; ho wona ha ho ya bitsang ho nna.

Ver Capítulo



Hosea 7:7
27 Referencias Cruzadas  

Basha a bolaya Nadabe ka selemo sa boraro sa puso ya Asa, kgosi ya Juda, mme Basha a busa sebakeng sa hae.


Eitse ha Simeri a bona hore motse o se o hapilwe, a kena qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi, a itjheseletsa kahara yona, a shwa.


Empa setjhaba se ileng sa latela Omeri sa hlola se neng se latetse Tibeni, mora wa Ginate; kahoo Tibeni a shwa, mme Omeri ya eba kgosi.


Jehu a re: “Ba tshwareng!” Ba ba tshwara, ba ba bolaela pela sediba se hona moo Motebong. E ne e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, mme ba se ke ba siya le ya mong.


Yare ha lengolo le fihla ho bona, ba tshwara bara ba kgosi ba mashome a supileng, ba ba bolaya, ba kenya dihlooho tsa bona ka dirotong, ba di romela Jesereele, ho Jehu.


Shalome, mora wa Jabeshe, a mo rera, a mo hlaba pontsheng ya batho, a mmolaya, mme a ikgapela puso.


Menaheme, mora wa Gadi, o ne a ile a tloha Tiresa, a ya Samaria, moo a ileng a fihla a hlaba Shalome, mora wa Jabeshe, a mmolaya, mme a ikgapela puso.


Peka, mora wa Remaleya, molaodi wa mabotho a hae, a ena le Aregobe le Are, le banna ba mashome a mahlano ba Bagileade, a mo rera, mme a mmolaela Samaria ka qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi. Peka a mo hlahlama.


Hoshea, mora wa Ela, a rera Peka, mora wa Remaleya. A mo hlaba, a mmolaya, mme a ikgapela bokgosi. E ne e le ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jotame, mora wa Usiya.


Jehu a hula seqha sa hae ka matla a hae kaofela, a fula Jorame pakeng tsa mahetla, motsu wa ba wa ya tswa pelong, mme a re sihla! ka kariking ya hae ya ntwa.


A re ho bona: “Mo lahleleng fatshe!” Ba mo lahlela fatshe. Madi a mang a hae a qaphaletsa lerako, le dipere, mme kariki ya ntwa le dipere tsa mo kgobotlela ka ditlhako.


“Baetsadibe ba tletse kgalefo dipelong tsa bona, leha ba se ba tlamilwe ha ba ke ba kopa thuso.


Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang, baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Morena?


“Empa ha o a ipiletsa ho nna, wena Jakobo, ha o a ikgathatsa ka nna, wena Iseraele.


Ho tloha mehleng ya kgalekgale ha ho ya kila utlwa, ha ho ya kila bona Modimo e mong ntle ho wena, Modimo ya thusang ba mo tshepileng.


Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola.


Ha ho na motho ya ipiletsang ho wena, kapa ya lekang hore a o kgomarele; hobane o re patetse fahleho sa hao, wa etsa hore re motele ka baka la dibe tsa rona.


Tjhaba ha se a kgutlela ho ya se otlileng, leha e le ho batla Morena wa mabotho.


“Ke ile ka batla motho hara bona ya neng a ka tsosa lerako, a ema kapele ho nna dikgeong tsa lona ho sireletsa naha ena hore ke se ke ka e timetsa, empa ha ke a ka ka fumana le ya mong.


Jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, koduwa ena yohle e re wetse hodimo. Empa le jwale ha re eso ka re rapela Morena Modimo wa rona ka ho furalla bokgopo ba rona, le ka ho latela nnete ya hae.


E kae kgosi ya hao e ke e o namolele, e o sireletse metseng yohle ya hao? Babusi bohle ba metse ya hao ba kae, bona bao o ne o bue ka bona, wa re: ‘Ako mphe kgosi, o be o mphe le mahosana’?


Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”


Baiseraele ba ahlolwa ke boikgantsho ba bona, empa ha ba kgutlele ho Morena, Morena Modimo wa bona, kapa ho mmatla, leha tsena di etsahetse.


Ha ba ipiletse ho nna ka dipelo tsa bona, ba bokollela phateng tsa bona feela. Ha ba llela koro le veine ba a itshehaka, empa nna ba a mphetohela.


Ba ipeetse kgosi ba sa ka ba ntherisa; ba bea mahosana nna ke sa ka ka tseba. Ka silefera le ka kgauta ya bona ba iketseditse medingwana ya bona, kahoo Baiseraele ba tla timela.


Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.