La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Hosea 4:7 - BIBELE

Ha baprista ba ntse ba ngatafala, ba ile ba ntshitelwa haholo; kahoo tlotla ya bona ke tla e fetola dihlong.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ha ba ntse ba ngatafala, ke moo ba ntshitelwang ka ho fetisa; kganya ya bona ke tla e fetola dihlong.

Ver Capítulo



Hosea 4:7
15 Referencias Cruzadas  

Ho tloha mehleng ya bo-ntata rona, ho fihlela kajeno, re bile le melato e meholo. Ka baka la bokgopo ba rona, rona, le dikgosi tsa rona, le baprista ba rona, ho neelanwe ka rona matsohong a dikgosi tsa dinaha tsena, hore re bolawe ka sabole, re thopuwe, re hanyapetswe, re hlabiswe dihlong, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Iseraele ke morara o holang haholo; ha tholwana tsa hae di ntse di eketseha, dialetare tsa hae le tsona di a eketseha. Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo, le yena o ntlafatsa difika, fika tse kgumamelwang.


Namane eo e tla iswa Asiria, e le nyehelo ho kgosi e kgolo. Efraime yena o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabiswe ke keletso tsa hae.


“Na nka ba phemisa, ka ba phemisa Nqalo ya Bafu? Na nka ba lopolla tleneng tse lefu? wena lefu, lokisa mahloko a hao! Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao! Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko!


Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora; yare ha ba kgotshe ba qala ho ikgohomosa, kahoo yaba ba se ba ntebala.


“Ba tla ja mahlabelo, empa ba ke ke ba kgora; ba tla ineella bootswa, empa ba ke ke ba ata, hobane ha ba sa tsotella Morena,


“Lona baprista, utlwang mona! Lona ba ntlo ya Iseraele, elang hloko! Lona ba ntlo ya kgosi, sekehang ditsebe! Kahlolo ena e tobane le lona: Le bile leraba la ho tshwasa Misepa, letlowa le adilweng hodima Tabore.


Jwalokaha dinokwane di ye di lalle motho, hlopha sa baprista le sona se a lalla, se bolaele batho tseleng e yang Shekeme, mahlabisadihlong ana se a etse ka morero.


Tlotla ya Efraime yona e tla nyamela, e nyamele sa nonyana e fofela hole, ho se be pelehi, kemaro, kemolo.


O tla aparelwa ke dihlong, e seng ke tlotla. Nako ke ya hao jwale, ya hore o nwe! Nwa he, bofeela ba hao bo pepesehe! Senwelo se ka tsohong le letona la Morena, se a pota, se tla be se fihle ho wena, ebe dihlong di aparela tlotla ya hao.


“Kahoo le nna ke entse hore le nyedisehe, setjhaba sohle se le telle, hobane ha le a ka la natsa ditsela tsa ka, empa le bontshitse leeme dinyeweng.”


“Jakobo a ja, a kgora, Jeshurune a nona, a ba a penya, a lahla Modimo e le Mmopi wa hae, a nyedisa Fika le mo pholositse.


Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.