BaFilipi 3:19 - BIBELE19 Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)19 bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT19 bao qetello ya bona e leng timelo, bao Modimo wa bona e leng mpa ya bona, le kganya ya bona e leng dihlong tsa bona, ba nahanang tsa lefatshe. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202419 Bao qetello ya bona e leng timelo, bao Modimo wa bona e leng mpa ya bona, le kganya ya bona e leng dihlong tsa bona, ba nahanang tsa lefatshe. Ver Capítulo |
Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.