Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:20 - BIBELE

20 Ha e le rona ha habo rona ke lehodimong, moo re lebeletseng Mopholosi wa rona ho tswa teng, e leng Morena wa rona Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa wa rona motse o mahodimong, e leng oo hape re lebeletseng ho kgutla teng ha Mmoloki Jesu Kreste, Morena;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Hobane puo ya rona e mahodimong; moo hape re lebeletseng Mopholosi, Morena Jesu Kreste ho tswa teng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane puo ya rona e mahodimong; moo hape re lebeletseng Mopholosi, Morena Jesu Kreste ho tswa teng.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:20
36 Referencias Cruzadas  

O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng.


Empa nna, ha ke se ke ahloletswe, ke tla bona fahleho sa hao; ha ke tsoha ke tla kgotsofalla boteng ba hao.


Ho ya bohlale tsela ya bophelo ke e yang hodimo, ho mo phemisa ho theohela lebitleng.


Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”


“O jwalo ya ipokellelang matlotlo, empa e se morui mahlong a Modimo.”


mme o tla ba lehlohonolo, hobane ba ke ke ba o buseletsa. O tla buseletswa mohla tsoho ya ba lokileng.”


Yaba ba re: “Banna ba Galelea, le emetseng le shebile lehodimong? Jesu enwa ya nyolletsweng lehodimong, a tloha hara lona, o tla boela a kgutla ka mokgwa oo le mmoneng a nyolohela lehodimong ka wona.”


ha le sa haellwa ke neo efe kapa efe, ha le ntse le lebeletse hore Morena wa rona Jesu Kreste a bonahatswe.


Bao e leng ba lefatshe ba tshwana le wa lefatshe, athe bao e leng ba lehodimo ba tshwana le wa lehodimo.


Re habile tse sa bonweng, e seng tse bonwang, hobane tse bonwang ke tsa mehla ya jwale, empa tse sa bonweng ke tsa mehla e sa feleng.


Ka hona re kgothetse, mme se ka re kgahlang ke ho falla mmeleng ona, re tle re yo aha le Morena.


Empa Jerusalema e hodimo, e leng mma rona, yona e lokolohile,


Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo.


Modimo o re tsositse le Kreste, a re bea mmoho le yena mahodimong.


hore le tle le tsebe ho hlalohanya tse nang le thuso. Kahoo le tla hloka kodi le molato mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste,


Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.


ka baka la ho tshepa tseo le di boloketsweng mahodimong. Le utlwile tsa tshepo eo ka lentswe la nnete, e leng molaetsa o molemo


mme le lebelle Mora wa hae ya tla tswa lehodimong, Jesu eo a mo tsositeseng bafung, yena ya tla re phemisa kgalefo e tlang.


Mohla ho hlahang taelo, ka lentswe la lengeloileholo, ka terompeta ya Modimo, Morena ka sebele o tla theoha lehodimong, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Jwale ke se ke beetswe mofapahlooho wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho mputsa ka wona ka Letsatsi lela; e seng nna feela, empa le bohle ba lebeletseng boiponahatso ba hae.


re ntse re lebeletse lehlohonolo leo re le tshepisitsweng le ponahalo ya tlotla ya Modimo e Moholo, Jesu Kreste, Mopholosi wa rona.


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo ya phelang, e leng Jerusalema ya lehodimo, le ho diketekete tsa wona tsa mangeloi.


Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Ke eo a etla a le hara maru, mme mahlo a bohle a tla mmona, esita le bona ba mo hlabileng, mme meloko yohle ya lefatshe e tla mo llela. E! A ho be jwalo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos