Dinonyananeng tsohle tse fofang o nke tse supileng ka bobedi, e be e tona le e tshehadi, hore mofuta wa tsona o tle o bolokehe lefatsheng.
Genese 7:2 - BIBELE Diphoofolong tsohle tse sa ileheng, o nke tse supileng tse tona, le tse supileng tse tshehadi; ho tsohle tse ilehang o nke tse pedi, e be e tona le e tshehadi. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng o nke ka supa, e tona le e tshehadi ya yona, le ho diphoofolo tse sa hlwekang o nke ka pedi, e tona le e tshehadi ya yona. |
Dinonyananeng tsohle tse fofang o nke tse supileng ka bobedi, e be e tona le e tshehadi, hore mofuta wa tsona o tle o bolokehe lefatsheng.
Jwale Nowe a hahela Morena aletare, mme a kgetha diphoofolong tsohle tse sa ileheng, le dinonyaneng tsohle tse sa ileheng, mme ka tsona a etsa sehlabelo sa setjheso aletareng.
“ ‘Baprista ba tla ruta setjhaba sa ka phapano pakeng tsa ntho e halalelang le e sa halaleleng, mme ba etse hore ba kgetholle e sa hlwekang ho e hlwekileng.
Ke ho re le tle le tsebe ho kgetholla tse halalelang ho tse sa halaleleng, le tse hlwekileng ho tse sa hlwekang;