Genese 10:7 - BIBELE Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka, mme bara ba Rama ke Sheba le Dedane. Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Kushe ke Saba, le Havila, le Sabta, le Raema, le Sabteka. Bara ba Raema ke Seba, le Dedane. |
Noka ya pele e bitswa Pishone; ke yone e phallang, e tswedipana hara naha yohle ya Hafila, moo ho nang le kgauta.
Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa kamoo Morena a tumisitseng Solomone kateng, a mo etela, ho ya mo nonya maikutlo ka dipotso tse thata.
Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka. Bara ba Rama ke Sheba le Dedane.
Ke ha Basheba ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya bahlanka bohle ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”
Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.
Bona ke boporofeta malebana le Arabia: Lona mekoloko ya batsamai, batsamai ba Badedane, robaletsang matswatlareng a Arabia.
Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.
“ ‘Banna ba Dedane ba ne ba hweba le wena; le ba dinaha tse mabopong a lewatle ba ne ba hweba le wena, ba o lefa ka manaka a tlou le ka mapolanka a motsweri.
“ ‘Bahwebi ba Sheba le ba Rama ba ne ba hweba le wena, mme thepa ya hao ba e ananya ka dinoko tse monko o monate, le ka majwe a bohlokwa, le ka kgauta.