Yaba Modimo o re: “Loapi la lehodimo le be le mabone, a tle a arohanye motsheare le bosiu, a be a supe dinako tsa selemo, le matsatsi, le dilemo.
Genese 1:6 - BIBELE Yaba Modimo o re: “Loapi le be teng pakeng tsa metsi, ho arohanya metsi ho metsi a mang.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale Modimo wa re: Sebaka ha se be teng mahareng a metsi, mme se arohanye metsi le metsi. |
Yaba Modimo o re: “Loapi la lehodimo le be le mabone, a tle a arohanye motsheare le bosiu, a be a supe dinako tsa selemo, le matsatsi, le dilemo.
Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.”
Haleluja! Rorisang Morena a le sehalalelong sa hae, mo roriseng a le sebakeng sa hae se matla, baka sa hae sa lehodimo.
Mahodimo a phatlalatsa tlotla ya Morena, sebaka sa lehodimo se a bolela, se bolela mosebetsi wa diatla tsa hae;
Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.
Haeba maru a dusa pula a tla e nesetsa hodima lefatshe; fate se ka wela ka borwa kapa ka leboya, moo se welang teng ke moo se tla rapalla teng.
Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona.
Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.
“Ka matla a hae Morena o hlodile lefatshe, ka bohlale ba hae a tsitsisa metheo ya lona, ka kutlwisiso ya hae a ala le mahodimo.
Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re:
Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi.