Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:20 - BIBELE

20 Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Jwale Modimo wa re: Metsi ha a hlahise ka bongata dibopuwa tse nyekenyehang, tse phelang, mme tse rurang ha di rure hodima lefatshe, sebakeng sa mahodimo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:20
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o re: “Loapi la lehodimo le be le mabone, a tle a arohanye motsheare le bosiu, a be a supe dinako tsa selemo, le matsatsi, le dilemo.


Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bone.


Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.


Modimo a di hlohonolofatsa, a re: “Atang, le ngatafale, le tlale mawatleng; le dinonyana di ngatafale lefatsheng.”


Le diphoofolo tsohle tse hlaha, le dinonyana tsohle tse fofang, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, le tsohle tse phelang, ke di file ditlama tsohle tse tala, hore e be dijo tsa tsona.” Ha fela ha eba jwalo.


Modimo a etsa loapi ho arohanya metsi a kahodimo ho lona le metsi a katlase ho lona. Ha fela ha eba jwalo.


Yaba Morena Modimo o bopa diphoofolo tsohle tsa naha ka mobu, le dinonyana tsohle tse fofang, a di tlisa ho motho ho bona hore na a ka di rea mabitso afe. Kamoo motho a ileng a bitsa sebopuoa se seng le se seng se phelang kateng, yaba hoo e se e le lebitso la sona.


Dibopuwa tsohle tse phelang lefatsheng tsa shwa: dinonyana, makgomo, diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tsamayang ka dikgakgatha lefatsheng, le batho bohle.


Tswa le dibopuwa tsohle tse phelang: dinonyana, le diphoofolo, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, di tle di tswale haholo, di ate, di ngatafale lefatsheng.”


A bua ka difate, ho tloha ka sefate sa kedare ya Lebanone, ho ya ho sa hisopa e melang marakong; a bua le ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka dihahabi, le ka ditlhapi.


Ke efe ho tsona tsohle e hlokang tsebo ya hore Morena o entse tsohle ka letsoho la hae?


lona diphoofolo tsa naha le tsa hae tsohle, dihahabi le dinonyana tse fofang;


Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo.


Tsohle tse holobang ka mpa, le tsohle tse tsamayang ka maoto a mane, le tsohle tse nang le maoto a mangata hara tse hahabang hodima lefatshe, tse jwalo le se ke la di ja, hobane ke manyala.


Le se ke la silafatsa meya ya lona ka tsohle tse hahabang, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona.


Hape ha a hloke ho sebeletswa ka matsoho a batho, jwaloka hoja a hloka ho hong, hobane ke yena ya neang bohle bophelo, moya le dintho tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos