Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:21 - BIBELE

21 Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Modimo wa etsa dihlapi tsa ditonana, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata ka mefuta ya tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:21
23 Referencias Cruzadas  

di buse motsheare le bosiu, di arohanye lesedi le lefifi. Modimo a bona hore hoo ho hotle.


Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.”


Modimo a di hlohonolofatsa, a re: “Atang, le ngatafale, le tlale mawatleng; le dinonyana di ngatafale lefatsheng.”


Modimo a etsa diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.


Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.


Yaba Morena Modimo o bopa diphoofolo tsohle tsa naha ka mobu, le dinonyana tsohle tse fofang, a di tlisa ho motho ho bona hore na a ka di rea mabitso afe. Kamoo motho a ileng a bitsa sebopuoa se seng le se seng se phelang kateng, yaba hoo e se e le lebitso la sona.


Dinonyana ka mefuta ya tsona, le diphoofolo ka mefuta ya tsona, le dihahabi ka mefuta ya tsona, di kene le wena ka arekeng ka bobedi, di tle di phele.


mmoho le mefuta yohle ya diphoofolo, le mefuta yohle ya dihahabi, le mefuta yohle ya dinonyana.


Tswa le dibopuwa tsohle tse phelang: dinonyana, le diphoofolo, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, di tle di tswale haholo, di ate, di ngatafale lefatsheng.”


Diphoofolo tsohle, le makgomo wohle, le dinonyana tsohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, tsa tswa ka arekeng ka mefuta ya tsona.


Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle tse fofang, di tla le tshaba. Dihahabi tsohle tsa lefatshe, le ditlhapi tsohle tsa lewatle, di bewa matsohong a lona.


“Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.”


“Ako botse diphoofolo, tsona di tla o ruta, nonyana tsa lehodimo le tsona di o kaele;


“Ba ka mabitleng ba a thothomela, le tsohle tse tlasa metsi, tse phelang ho wona.


“Ebe nna ke lewatle kapa kganyapa, ha o mpeetse balebedi ho ntisa?


Rorisang Morena, lona ba lefatsheng, lona dikganyapa tsa mawatle le tsa madiba wohle;


Bana ba Iseraele ba beleha haholo, ba ata, ba ngatafala, ba eba matla haholo, hoo ba ileng ba tlala naha yohle ya Egepeta.


Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.


“Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ ‘O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela.’


Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos