Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle.
Filemone 1:19 - BIBELE Nna Paulosi, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: “Ke nna ya tla o lefa.” Feela ha ke rate ho o hopotsa hore ke ka nna o leng seo o leng sona: Ke wona molato wa hao. Sesotho 1909/1961 (SO) Nna, Pauluse, ke ngodileng hona hoo ka letsoho la ka, ke tla o lefa, leha ke sa o bolelle hore o molato ho nna, wena, ka sebele sa hao. Baasraak Sotho NT Nna Pauluse, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: Ke nna ke tla o lefa; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Nna Pauluse, ke ngotse ka letsoho la ka, ke re: Ke nna ke tla o lefa; |
Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle.
Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo.
Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.
Ke lona lengolo la rona, le ngotsweng ka dipelong tsa rona, le tsejwang, le balwang ke batho bohle.
Ho seng jwalo, ha ba bang ba Masedonia ba ka tla le nna, mme ba fumana hore ha le a itokisa, tshepo e kaalo eo re e beileng ho lona e tla re fetohela dihlong, ke se ke sa re letho ka lona.
Mamelang! Ke nna Paulosi ya le bolellang sena: Ha le ka bolla, Kreste ha a sa tla ba le thuso ho lona.
ke dumedisa Timothea, ngwanaka wa sebele tumelong, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena.
Ke a o dumedisa Tite, ngwanaka wa sebele tumelong, eo rona le wena re nang le yona, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Mopholosi wa rona, di ke di be le wena.
Feela haeba a o senyeditse ho hong, kapa a nkile molato ho wena, o tle o o batle ho nna.