Eksoda 8:1 - BIBELE Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho Faro, o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa! Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Tlohela setjhaba sa ka se ye ho ntshebeletsa. |
Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”
“Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: ‘Morena, Modimo wa Baheberu, o teane le rona; kahoo re a o kopa, hore o re dumelle re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena, Modimo wa rona, sehlabelo.’
Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.’ ”
Kamora tsena Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena, Modimo wa Iseraele, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo nketsetsa mokete lehwatateng.’ ”
Yaba ba re ho yena: “Modimo wa Baheberu o teane le rona; re dumelle jwale, re a kopa, re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, esere a re bolaya ka lefu la sewa, kapa ka sabole.”
O tle o re ho yena: ‘Morena Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, o re: Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa lehwatateng. Empa bona, ho fihlela jwale ha o eso ka o mamela.’
Jwale Morena a re ho Moshe: “O tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng, mme wena o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa.
Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro, o bue le yena, o re: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.
Jwale Morena a re ho Joshua: “Supa nqa Ai ka lerumo le ka letsohong la hao, hobane ke tla neelana ka motse oo matsohong a hao.” Joshua a supa nqa Ai ka lerumo le neng le le ka letsohong la hae.