Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 7:16 - BIBELE

16 O tle o re ho yena: ‘Morena Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, o re: Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa lehwatateng. Empa bona, ho fihlela jwale ha o eso ka o mamela.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 o re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, a re: Tlohela setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa lefeelleng; ke mona ho fihlela jwale, ha o eso ho utlwe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 7:16
18 Referencias Cruzadas  

Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘O tla hana ho ikokobetsa kapele ho nna ho fihlela neng? Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.


E ile yare ha Faro a ngangella, a hana ho re lokolla, Morena a bolaya matsibolo wohle naheng ya Egepeta, ho qala ka matsibolo a batho, ho isa ho matsibolo a diphoofolo. Ke ka lebaka lena ke etsetsang Morena sehlabelo ka letsibolo le leng le le leng le letona, empa matsibolo a matona, a bara ba ka, ke a a lopolla.’


Ha kgosi ya Egepeta e tsebiswa hore Baiseraele ba balehile, Faro le bahlanka ba hae ba fetohela setjhaba seo, ba re: “Re ne re etsang ha re lokolla Baiseraele ba neng ba re sebeletsa?”


Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”


Jwale Moshe a re ho Modimo: “Bona, etlare ha ke fihla ho bana ba Iseraele, ke re ho bona: ‘Modimo wa bo-ntata lona o nthomile ho lona,’ mme ba re ho nna: ‘Lebitso la hae ke mang?’ ke tla reng ho bona?”


“Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: ‘Morena, Modimo wa Baheberu, o teane le rona; kahoo re a o kopa, hore o re dumelle re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena, Modimo wa rona, sehlabelo.’


Wena o tla bua le Faro, o re Morena o bua tjena, o re: ‘Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo.


Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.’ ”


empa Faro a ke ke a le mamela. Ke tla otla Egepeta ka letsoho la ka, ka dikahlolo tse boima, ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Eya ho Faro, o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa!


Jwale Morena a re ho Moshe: “O tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng, mme wena o re ho yena: Morena o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo ntshebeletsa.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro, o bue le yena, o re: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.


Jwale Morena a re ho Moshe: “O tle o tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro, o re ho yena: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.


Ka ho loka ha ka ke susumeditse Siruse, tsela tsa hae tsohle di tla otlollwa ke nna. O tla tsosa marako a motse wa ka, a be a lokolle bathopuwa ba ka, a ba lokolle ntle ho theko kapa moputso,” ho rialo Morena wa mabotho.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sa Iseraele se hateletswe, esita le sona setjhaba sa Juda. Bathopi ba sona ba se tshwere ka thata, ba hana ho se lokolla hore se tsamaye.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos