Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.
Eksoda 5:4 - BIBELE Empa kgosi ya Egepeta ya re ho yena: “Wena Moshe le wena Arone, keng ha le tlohedisa batho mosebetsi wa bona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!” Sesotho 1909/1961 (SO) Morena wa Egepeta a re ho bona: Ke ka baka lang, Moshe le Aarone, ha le tlohedisa setjhaba mesebetsi ya sona? Kgutlelang mesebetsing ya lona! |
Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.
Ka tsatsi le leng, ha Moshe a se a hodile, a etela bana babo, mme a bona mosebetsi o boima, oo ba o etsang. Ke ha a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa Moheberu wa ba habo Moshe.
Hape ke bile ke utlwile le sello sa bana ba Iseraele, bao Baegepeta ba ba entseng makgoba a bona, mme ke hopotse selekane sa ka.
Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”
Yaba Amasiya, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, kgosi ya Iseraele, o re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona hara bana ba Iseraele. Naha ha e ka ke ya mamella puo tsena tsa hae.
La qala ho mo qosa, la re: “Re fumane monna enwa a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela ha ho ntshetswa Sesare lekgetho, mme a ipolela hore ke Kreste, Kgosi.”
“Re fumana monna enwa a le kotsikotsi, a fehla moferefere hara Bajuda lefatsheng lohle, e bile e le moetapele wa mokga wa Banasaretha.