Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng.
Eksoda 3:2 - BIBELE Lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le le kahara lelakabe la mollo le tswang sehlahleng sa monokotshwai. Moshe a tadima, mme a bona sehlahla sa monokotshwai se laima malakabe, empa se sa tjhe. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba lengeloi la Jehova le itlhahisa ho yena, kgabong ya mollo, kahare ho sehlahla, mme ha a tadima, a bona sehlahla se tuka ke mollo, empa se sa tjhe. |
Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng.
Empa lengeloi la Morena la howeletsa le le lehodimong, la re: “Aborahama! Aborahama!” Yaba o re: “Ke nna enwa.”
Lengeloi le ntopoletseng bobeng bohle, a hlohonolofatse bahlankana bana! Bitso la ka, le la Aborahama, le la Isaka, a ke a tume, a tumiswe ke bona, ba ke ba ate, ebe letshwele naheng ena.”
wa dumella batho ho re hata melala, ra feta hara mollo le metsi; wa ntano re kgatholla haholo.
Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.
“Bonang, ke tla romela lengeloi ho o etella pele, ho o lebela tseleng, le ho o fihlisa sebakeng seo ke se lokisitseng.
Ho hlaha ha tlotla ya Morena ho ne ho tshwana le kgabo ya mollo, e tukang hodima tlhoro ya thaba, moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona.
“Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, o iponahaditse ho nna, a re: Ke ile ka le etela, mme ka bona tseo le di etswang naheng ya Egepeta.
Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.
matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.
Mahosana le babusisi le balaodi le baeletsi ba kgosi ba ba bokanela, mme ba bona hore mollo ha o a ba etsa letho mmeleng, leha e le ho tlabola qoba ya moriri wa bona. Diaparo tsa bona di ne di sa tjha, le monko wa ho tjheswa ke mollo o sa utlwahale.
“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.
“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.
Tabeng ya bafu ba tsohang, na ha le eso bale bukeng ya Moshe, moo ho buuwang ka sehlahla, kamoo Modimo a ileng a re ho yena kateng: ‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’
Ha e le hore bafu ba tla tsoha, le Moshe o ne a ngole ditabeng tsa sehlahla se meutlwa, moo a reng: ‘Morena ke Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo.’
Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.
Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.
ka tsa bohlokwa tsa lefatshe le tsohle tse ho lona, le ka ho ratwa ke ya ahileng sehlahleng. Tlhohonolofatso e theohele hodima Josefa, hodima hlooho ya ya kgethehileng hara bana babo.
Empa lona Morena o le ntshitse seboping se qhibidisang tshepe, sa Egepeta, hore lona le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.
Lona ba hlokofatswang o tla le imolla hammoho le rona, mohla Morena Jesu a bonahatswang, a etswa lehodimong le mangeloi a hae a matla,
Lengeloi la Morena la re ho Manowa: “Ho hlokomelwe tsohle tseo ke di boleletseng mosadi.