Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 24:17 - BIBELE

17 Ho hlaha ha tlotla ya Morena ho ne ho tshwana le kgabo ya mollo, e tukang hodima tlhoro ya thaba, moo bana ba Iseraele ba ntseng ba bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ponahalo ya kganya ya Jehova e ne e ka mollo o timetsang qhoweng ya thaba, mahlong a bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 24:17
14 Referencias Cruzadas  

Maru a apolwa ke kganya e mo etellang pele, ha na sefako sa mashala a tukang.


Mosi wa foqoha ka nkong tsa hae, mollo o timetsang wa betseha ka hanong la hae, mashala a hlenneng a tswa ho yena.


Se itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka letsatsi la boraro Morena o tla theohela hodima thaba ya Sinai, moo batho bohle ba tla mmona.


Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.


Lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le le kahara lelakabe la mollo le tswang sehlahleng sa monokotshwai. Moshe a tadima, mme a bona sehlahla sa monokotshwai se laima malakabe, empa se sa tjhe.


Ho tloha lethekeng la hae ho ya hodimo ka bona ho kang lethose le hlenneng, le hara mollo; ho tloha thekeng ho ya tlase, motho eo a ka mollo, kganya e phatsimang e mo etseditse serakwe.


Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.


Ha Morena a halefile, ya ka tiisetsang ke mang? Ha kgalefo ya Morena e tlokoma ya ka e mamellang ke mang? Kgalefo ya hae e tuka sa malakabe kapele ho yena mafika a a pshatleha.


Morena Modimo wa lona, ke mollo o timetsang, ke Modimo ya boulelang.”


O ile a etsa hore le utlwe lentswe la hae le etswa lehodimong, ho le ruta. Mona lefatsheng o ile a le bontsha mollo wa hae o moholo, mme le ile la utlwa dipolelo tsa hae di etswa kahara mollo.


Ka baka leo he, kajeno tseba hore Morena Modimo wa lona, ke yena ya le eteletseng pele, ke yena mollo o tjhesang. O tla ba timetsa, a le hlolele bona. Le tla ba leleka, le ba timetse kapele, jwalokaha Morena a buile ho lona.


Lona ha le a tla thabeng e ka angwang ka matsoho, e tukang malakabe, e lefifi, e ntsho, e hara sefefo,


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos