O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: ‘Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa.
Eksoda 24:2 - BIBELE Moshe a le inotshi a atamele ho Morena, empa ha e le ba bang ba se ke ba atamela, le sona setjhaba se se ke sa nyoloha le yena. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho atamele Moshe a nnotshi pela Jehova, ba bang ba se ke ba atamela, le sona setjhaba se se ke sa nyoloha le yena. |
O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: ‘Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa.
Setjhaba sa emella hole, mme Moshe a atamela lerung le letsho, moo Modimo a neng a le teng.
Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho Morena, wena le Arone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Baiseraele ba mashome a supileng, le yo nkgumamela le le sebakana.”
Yaba Moshe o kena kahara leru, o nyolohela thabeng. Moshe a qeta matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ntse a le thabeng.
Moshe a tla, a bolella setjhaba mantswe wohle a Morena, le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa arabela se le ntsweleng, sa re: “Re tla phetha dipolelo tsohle tse boletsweng ke Morena.”
Kgosi ya bona e tla hlaha hara bona, kgosana ya bona e be e mong wa bona; ke tla e atametsa, e be haufi le nna. Ya tla ba le sebete sa ho nkatamela ke mang?” ho rialo Morena.
“Jwaloka tau e tswang merung ya Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Edomo ke tla e leleka, ke e leleke naheng e le ya yona. Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”
a bua le Kora le balatedi ba hae, a re: “Hosasane Morena o tla bontsha eo e leng wa hae, le hore na ya halalelang ke mang, mme a mo atametse pela hae. Eo a tla mo kgetha, o tla mo atametsa pela hae.
Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.