Hape lengeloi la Morena la re ho yena: “Bona, o moimana, mme o tla tswala mora. O tla mo rea lebitso la Ishemaele, hobane Morena o utlwile matshwenyeho a hao.
Eksoda 2:10 - BIBELE Ha ngwana a se a hodile, mosadi a mo tlisa ho moradi wa Faro, ya eba mora wa hae. A mo rea lebitso la Moshe, a re: “Ke hobane ke mo inotse metsing.” Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha ngwana a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro, mme ya eba mora wa hae, a mo rea lebitso la Moshe, a re: Ke hobane ke mo ntshitse metsing. |
Hape lengeloi la Morena la re ho yena: “Bona, o moimana, mme o tla tswala mora. O tla mo rea lebitso la Ishemaele, hobane Morena o utlwile matshwenyeho a hao.
Adama a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae, mosadi a mo tswalla mora eo a ileng a mo rea lebitso la Seta. Eva a re: “Modimo o mphile ngwana e mong bakeng sa Abele, hobane Kaine o ne a mmolaye.”
“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.
Yaba moradi wa Faro o re: “Nka ngwana enwa, o yo nnyantshetsa yena, mme ke tla o nea moputso wa hao.” Mosadi eo a nka ngwana, mme a ya mo nyantsha.
o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”
Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.
Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.”