Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa.
Eksoda 11:2 - BIBELE Jwale bua moo batho ba utlwang, hore monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahelaneng le yena dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ako bue jwale ditsebeng tsa setjhaba, hore monna e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta. |
Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa.
A ntsha Baiseraele ba kakatetse, ba kakatetse silefera le kgauta, ho se ya tsiapaneng hara meloko ya bona.
Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.
“Ke tla etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sena, mme ha le tsamaya le ke ke la tsamaya le itlhophere.
Mosadi e mong le e mong wa Moheberu a kope dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo, ho mosadi wa Moegepeta eo ba ahelaneng le yena, le eo e ka bang moeti lapeng la hae. Le kgabise bara ba lona le baradi ba lona ka tsona, mme ebe le hapa leruo la Baegepeta.”
Ke ile ka re ho sona: ‘Ke bo-mang ba nang le kgauta?’ Ba be ba se ba e rola, ba nnea yona. Ka e akgela mollong, yaba ho tswa namane ena.”
Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta.
Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng.