La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 1:9 - BIBELE

Yaba e re ho batho ba yona: “Bonang, setjhaba sena sa bana ba Iseraele se sengata ho re feta, se bile se matla ho re feta.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

A re ho setjhaba sa hae: Bonang, setjhaba sa bana ba Iseraele ke sena se re feta ka bongata le ka matla.

Ver Capítulo



Eksoda 1:9
12 Referencias Cruzadas  

Jwale Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha hara rona, hobane o matla ho re feta.”


Modimo a re: “Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao. O se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke moo ke tla o etsa setjhaba se seholo.


Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona.


Faro a boela a re: “Bonang kamoo batho ba naha ena ba seng ba le ba bangata kateng! Jwale le ba tlohedisa mesebetsi ya bona!”


Tlotla ya kgosi ke ho busa tjhaba se le sengata, athe kgosana e timela ke ho hloka setjhaba.


Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane.


Kapa le hopola hore Mangolo ha a bolele letho, ha a re: “Moya oo Modimo a o kentseng ho rona o o boulela haholo?”